Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:22, 23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ oa Persia, Jehova a susumetsa pelo ea Morena Saeruse oa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ea hae e le hore mantsoe a Jehova a ileng a buuoa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re: 23 “Morena Saeruse oa Persia o re, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše+ ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema e Juda.+ Mang kapa mang eo e leng oa sechaba sa hae ea har’a lona, a ke a ee teng ’me Jehova Molimo oa hae a be le eena.’”+

  • Esdrase 6:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 “Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo mabapi le ntlo ea Molimo e Jerusalema a re:+ ‘Ntlo e ke e hahoe bocha hore e be sebaka seo ho tla etsetsoa mahlabelo ho sona ’me e etsetsoe metheo e tiileng. Bophahamo ba eona e be limithara tse ka bang 27,* bophara ba eona e be limithara tse ka bang 27+

  • Esaia 45:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 “Ke susumelitse motho ho nka khato ka ho loka,+

      Ke tla otlolla litsela tsohle tsa hae.

      Ke eena ea tla haha motse oa ka+

      Le ho lokolla batho ba ka botlamuoeng+ ntle ho tefo kapa tjotjo,”+ ke Jehova oa mabotho ea chong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela