Esaia 5:7 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 7 Tšimo ea morara ea Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele.+ Batho ba Juda ke sefate sa morara seo a neng a se rata. O ne a lebeletse toka+Empa ho ne ho se na toka. O ne a lebeletse ho lokaEmpa a utloa seboko sa batho ba sotloang.”+ Esaia 59:15 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 15 ’Nete* ha e sa le eo+’Me mang kapa mang ea furallang bobe oa tlatlapuoa. Jehova o bone sena ’me ha sea mo thabisa*Hobane ho ne ho se na toka.+ Jeremia 5:1 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 5 Sollang le literata tsa Jerusalema,Qamakang ka hloko. Batlang limmarakeng tsa eona le shebeHore na le ke ke la fumana motho ea sebetsang lintho ka toka,+Ea tšepahalang. Haeba le mo fumana, ke tla tšoarela Jerusalema. Amose 6:12 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 12 Na lipere li ka matha lefikeng? Kapa na motho a ka lema moo ka likhomo? Ho e-na le hore le phethe toka le utloisa batho bohloko,Le etsa hore bophelo ba bona bo babe joaloka lengana.+ Habakuke 1:4 Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha 4 Molao o feletsoe ke matla,Ha ho mohla toka e phethoang. Kaha batho ba khopo ba hatella ba lokileng,Toka ha e sa le eo.”+
7 Tšimo ea morara ea Jehova oa mabotho ke ntlo ea Iseraele.+ Batho ba Juda ke sefate sa morara seo a neng a se rata. O ne a lebeletse toka+Empa ho ne ho se na toka. O ne a lebeletse ho lokaEmpa a utloa seboko sa batho ba sotloang.”+
15 ’Nete* ha e sa le eo+’Me mang kapa mang ea furallang bobe oa tlatlapuoa. Jehova o bone sena ’me ha sea mo thabisa*Hobane ho ne ho se na toka.+
5 Sollang le literata tsa Jerusalema,Qamakang ka hloko. Batlang limmarakeng tsa eona le shebeHore na le ke ke la fumana motho ea sebetsang lintho ka toka,+Ea tšepahalang. Haeba le mo fumana, ke tla tšoarela Jerusalema.
12 Na lipere li ka matha lefikeng? Kapa na motho a ka lema moo ka likhomo? Ho e-na le hore le phethe toka le utloisa batho bohloko,Le etsa hore bophelo ba bona bo babe joaloka lengana.+
4 Molao o feletsoe ke matla,Ha ho mohla toka e phethoang. Kaha batho ba khopo ba hatella ba lokileng,Toka ha e sa le eo.”+