Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Luka 4:17-21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 A nehoa moqolo oa moprofeta Esaia, a o bula eaba o bala moo ho ngotsoeng mantsoe a reng: 18 “Moea oa Jehova* o holim’a ka hobane o nkhethetse* hore ke bolelle bafutsana litaba tse monate. O nthometse hore ke phatlalatse tokoloho ho batšoaruoa, ke bule mahlo a ba sa boneng, ke lokolle ba hateletsoeng+ 19 le ho phatlalatsa selemo sa Jehova* sa ho hlohonolofatsa batho.”+ 20 Eaba o phutha moqolo oo, o o busetsa ho mohlanka oa ntlo ea thapelo* ’me o lula fatše. Bohle ba ka tlung ea thapelo ba ne ba mo shebile ka hloko. 21 Joale a re ho bona: “Kajeno lengolo lena leo le sa tsoa le utloa le phethahetse.”+

  • Luka 7:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Jesu a re ho barutuoa ba Johanne: “Tsamaeang le bolelle Johanne hore na le utloile’ng le hore na le bone’ng: Hona joale ba foufetseng baa bona,+ ba holofetseng baa tsamaea, balepera ba ntse ba folisoa, ba sa utloeng litsebeng baa utloa+ le bafu ba ntse ba tsosoa, bafutsana bona ba bolelloa litaba tse monate.+

  • Liketso 26:17, 18
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ke tla u pholosa ho Bajuda le ho batho ba lichaba tse ling bao ke u romelang ho bona.+ 18 Ke u romela hore u tutubolle mahlo a bona,+ u ba tlose lefifing+ u ba ise leseling+ le hore u ba tlose taolong ea Satane+ u ba ise ho Molimo. Kahoo, Molimo o tla ba tšoarela libe+ ’me ha ba lumela ho ’na, o tla ba hlohonolofatsa a be a ba halaletse.’*

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela