-
Deuteronoma 14:23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
23 Le jelle karolo ea lona ea leshome ea lijo tse kotutsoeng, ea veine ea lona e ncha, ea oli ea lona, ea matsibolo a lona a mohlape oa likhomo le oa linku le lipoli ka pel’a Jehova Molimo oa lona, sebakeng seo a tla khetha hore lebitso la hae le lule ho sona+ e le hore le ithute ho tšaba Jehova Molimo oa lona kamehla.+
-
-
Esaia 65:21, 22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
21 Batho ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona,+
Ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona.+
22 Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o lula ho ’ona,
Ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.
Matsatsi a sechaba sa ka a tla ba joaloka matsatsi a sefate.+
Sechaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.
-