-
Luka 1:30-35Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
30 Lengeloi leo la re ho eena: “Maria, u se ke oa tšoha hobane Molimo o u hauhetse. 31 U tla ima, u tsoale mora+ ebe u mo reha Jesu.+ 32 O tla ba matla,+ a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida,+ 33 puso ea hae e ke ke ea fela+ ’me e tla ba morena oa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”
34 Empa Maria a re ho lengeloi leo: “Ke tla ba le ngoana joang ke e-s’o robale le monna?”+ 35 Lengeloi leo la mo araba la re: “Moea o halalelang o tla ba holim’a hao,+ matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a u sireletse. Kahoo, ngoana eo e tla ba ea halalelang,+ a bitsoe Mora oa Molimo.+
-