Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 30:1-3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Ha mantsoe ana ’ohle a phethahala ho lona e leng tlhohonolofatso le bomalimabe tseo ke li behileng ka pel’a lona+ ’me le ikhopotsa*+ ’ona le le har’a lichaba tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona+ 2 ’me le khutlela ho Jehova Molimo oa lona+ ebile lona le bara ba lona le mamela lentsoe la hae ho ea ka sohle seo ke le laelang sona kajeno, ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle,+ 3 Jehova Molimo oa lona o tla le lata botlamuoeng+ a le bontše mohau+ ’me a boele a le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle tseo Jehova Molimo oa lona a le hasantseng ho tsona.+

  • Esaia 11:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ho tla ba le tsela e kholo bakeng sa batho+ ba hae ba setseng Asiria hore ba tsoe+

      Feela joalokaha e ile ea e-ba teng mohla Iseraele e neng e tsoa naheng ea Egepeta.

  • Esaia 43:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Ke tla re ho leboea, ‘Fana ka bona!’+

      Le ho boroa, ‘U se ke oa hana ka bona.

      Tlisa bara ba ka ho tsoa hole le barali ba ka ho tsoa likhutlong tsohle tsa lefatše,+

  • Esaia 60:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Phahamisa mahlo ’me u shebe hohle ho u potoloha.

      Bara ba hao ba ntse ba tla ba tsoa hole+

      Le barali ba hao ba pepiloeng.

      Kaofela ha bona ba phuthehile, ba tla ho uena.+

  • Esaia 60:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  9 Baahi ba lihlekehleke ba tla ntšepa+

      Le likepe tsa Tarshishe li ka pele*

      Hore li tlise bana ba hao ba tsoang hole+

      Hammoho le silevera le khauta ea bona

      E le hore ba rorise lebitso la Jehova Molimo oa hao, Mohalaleli oa Iseraele

      Hobane o tla u tlotlisa.*+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela