16 Bohle ba tla sala ho lichaba tsohle tse hlaselang Jerusalema, ba tla nyolohela Jerusalema selemo le selemo+ hore ba e’o rapela* Morena e leng Jehova oa mabotho+ le ho keteka Mokete oa Maphephe.*+
11 Jehova oa mabotho o re: “Lebitso la ka le tla hlomphuoa lichabeng ho tloha bochabela ho ea bophirimela.+ Ho tla etsoa hore mahlabelo a kubelle ho be ho etsoe le linyehelo e le hore ho rorisoe lebitso la ka, e le mpho e amohelehang hobane lebitso la ka le tla hlomphuoa* lichabeng.”+