Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 28:19, 20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 19 Jehova a otla Bajuda ka lebaka la Morena Akaze oa Iseraele. O ile a ba tlohela hore ba tsoe taolong hoo ba ileng ba fosetsa Jehova haholo.

      20 Morena Tilgathe-pilnesere+ oa Asiria a hlasela Akaze eaba o mo tlisetsa mathata+ ho e-na le hore a mo thuse.

  • Esaia 7:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jehova o tla bakela uena, batho ba hao le ba ntlo ea ntate oa hao mahlomola a e-s’o ka a e-ba teng ho tloha mohla Efraime a arohanang le Juda+ hobane o tla tlisa morena oa Asiria.+

  • Esaia 7:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Letsatsing leo, Jehova o tla le beola lihlooho le mohoete o maotong, a be a kute le litelu tsa lona ka lehare le hiriloeng le tsoang sebakeng sa Noka* e leng morena oa Asiria.+

  • Esaia 10:28-32
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Ba futuhetse Ajathe,+

      Ba fetetse pele Migrone,

      Ba beha thoto ea bona Mikmashe.+

      29 Ba fetile lelibohong,

      Ba robala Geba,+

      Rama ea thothomela, Gibea+ ea Saule e balehile.+

      30 Bokolla ’me u hoeletse, morali oa Galime.

      Hlokomela, uena Laisha.

      Uena Anathothe,+ u otla pelo.

      31 Madmena o balehile.

      Baahi ba Gebime ba balehetse moo ho sireletsehileng.

      32 Ka letsatsi lona lena, o tla ema Nobe.+

      O tsokela baahi ba thaba ea Sione setebele

      E leng leralla la Jerusalema.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela