-
Baroma 9:31-33Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Le hoja Baiseraele ba ne ba etsa lintho tse lokileng ho ea ka molao, ha baa ka ba latela molao oo ka botlalo. 32 Hobane’ng? Ba ne ba nahana hore ba tla nkoa ba lokile ka lebaka la mesebetsi ea bona eseng hobane ba e-na le tumelo. Ba ile ba khoptjoa ke “lejoe le khopang.”+ 33 Ho joalokaha ho ngoliloe ha thoe: “Bonang! Ke beha lejoe Sione,+ lejoe le khopang le lefika le khopisang empa ea lumelang ho lona a ke ke a phoqeha.”+
-
-
1 Petrose 2:7, 8Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Lejoe leo ke la bohlokoa ho lona hobane le lumela ho lona. Ho ba sa lumeleng ho lona ha le bohlokoa hobane Mangolo a re: “Lejoe leo lihahi li le lahlileng+ le fetohile lejoe la sekhutlo la sehlooho.”+ 8 Hape a re: “Ke lejoe le khopang ebile ke lefika le khopisang.”+ Baa khopeha hobane ha ba mamele lentsoe la Molimo. Ena ke tsela eo ba tla fella ka eona.
-