3 Joale ka robala* le moprofeta.* O ile a ima ’me ka mor’a nako a tsoala mora.+ Eaba Jehova o re ho ’na: “Mo rehe Mahere-shalale-hashe-baze. 4 Le pele moshanyana eo a tseba ho re, ‘Ntate!’ le ho re, ‘ ’Mè!’ maruo a Damaseka le thepa e hapuoeng Samaria li tla isoa ka pel’a morena oa Asiria.”+
24 Ka hona ’Musi oa Lintho Tsohle, Jehova oa mabotho, o re: “Lona sechaba sa ka se lulang Sione, le se ke la tšaba Baasiria ba neng ba le shapa ka thupa+ le ba neng ba le phahamisetsa lere la bona joalokaha Egepeta e entse.+