18 “Matsatsing ao ba tla tsamaea hammoho, ba ntlo ea Juda ba tla tsamaea le ba ntlo ea Iseraele+ ’me ba tle ba tsoa naheng ea leboea ba kene naheng eo ke e fileng baholo-holo ba lona e le lefa.+
16 “Mor’a motho, nka thupa u ngole mantsoe ana ho eona, ‘Ea Juda le ea Baiseraele ba nang le eena.’*+ U nke thupa e ’ngoe ’me u ngole a reng, ‘Ea Josefa e emelang Efraime le Baiseraele bohle ba nang le eena.’*+
19 u se bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla nka thupa ea Josefa e letsohong la Efraime le ea meloko ea Iseraele e nang le eena, ke e kopanye le thupa ea Juda. Ke tla li etsa thupa e le ’ngoe+ ’me e tla ba ntho e le ’ngoe letsohong la ka.’”
11 Batho ba Juda le ba Iseraele ba tla bokana ba be ’moho.+ Ba tla ikhethela moeta-pele ’me ba tsoe naheng hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.”