6 Re tsoaletsoe ngoana,+
Re filoe mora,
Puso e tla lula lehetleng la hae.+
O tla rehoa Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.
7 Puso ea hae e ke ke ea khaotsa ho hola
Le khotso e tla ba teng ka ho sa feleng+
Teroneng ea Davida+ le ’musong oa hae.
E tla tsitsisoa+ le ho tšehetsoa
Ka toka+ le ka ho loka,+
Ho tloha hona joale ho ea ho ile.
Jehova oa mabotho o tla etsa sena ka cheseho.