-
2 Likronike 19:9, 10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 A ba laela a re: “Ha le etsa mosebetsi oa lona le tšabe Jehova, le mo tšepahalle ’me le mo sebeletse ka lipelo tsohle. 10 Haeba bana ba bo lona ba lulang metseng e meng ba tlisa nyeoe e mabapi le ho bolaea+ kapa ba botsa ka molao, taelo kapa likahlolo, le ba hlokomelise seo ba lokelang ho se etsa e le hore ba se ke ba e-ba molato ka pel’a Jehova, ho seng joalo o tla le halefela le bana ba bo lona. Le etse sena e le hore le se ke la ba molato.
-