Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 16:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Le thabe nakong ea mokete oa lona,+ lona le bara ba lona, barali ba lona, makhoba a lona a banna le a basali, Balevi, balichaba, likhutsana* le bahlolohali ba ka har’a metse ea lona.

  • Pesaleme 42:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ke hopola lintho tsena ebe ke u phetlela sefuba*

      Hobane ke ne ke tsamaea le batho ba bangata.

      Ke ne ke tsamaea butle ka pel’a bona ho ea ntlong ea Molimo,

      Re hoelelitse re thabile re bile re leboha

      Joaloka letšoele le entseng mokete.+

  • Jeremia 33:10, 11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Jehova o re: ‘Sebakeng sena seo le tla re ha se na letho, moo ho se nang motho kapa phoofolo le metseng ea Juda le literateng tsa Jerusalema tse fetohileng lithako, tse se nang motho kapa moahi kapa phoofolo, ho tla boela ho utloahale 11 molumo oa batho ba thabileng le ba nyakaletseng,+ lentsoe la monyali le lentsoe la monyaluoa, lentsoe la ba reng: “Lebohang Jehova oa mabotho hobane Jehova o molemo.+ Lerato la hae ha le fele le ka mohla.”’+

      ‘Ba tla tlisa linyehelo tsa teboho ka tlung ea Jehova+ etsoe ke tla khutlisa batho ba hapuoeng ba naha feela joaloka pele,’ ke Jehova ea chong.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela