-
Esaia 63:1-3Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
63 Ke mang enoa ea tsoang Edomo,+
Ea tsoang Bozra+ a apere liaparo tse ’mala o khanyang,*
Enoa eo liaparo tsa hae li hlomphehang?
Ha a tsamaea, oa bonahala hore o na le matla a maholo.
“Ke ’na, ea buang lintho tse lokileng,
Ea nang le matla a maholo a ho pholosa.”
2 Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li le khubelu?
Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li tšoana le tsa motho ea tlhotlang morara ho etsa veine?*+
3 “Ke hataketse bate ea veine ke le mong.
Ha ho na motho ea tsoang lichabeng eo ke neng ke e-na le eena.
Ka ’na ka hatakela lira tsa ka ke halefile,+
Ka li hatakela ke loloma ke khalefo.
Liaparo tsa ka li ne li qaphalelitsoe ke mali a bona.
Ke tlotsitse liaparo tsa ka kaofela.
-