-
2 Marena 18:4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Ke eena ea ileng a tlosa libaka tse phahameng,+ a pshatla lipilara tse halalelang a ba a khaola palo e halalelang.*+ A boela a pshatla noha ea koporo* eo Moshe a neng a e entse+ hobane ho fihlela ka nako eo, Baiseraele ba ne ba e etsetsa sehlabelo se kubellang mosi ebile ba e bitsa setšoantšo se rapeloang sa noha ea koporo.
-
-
2 Likronike 31:1Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
31 Ka mor’a hore ba qete lintho tsena tsohle, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba ea metseng ea Juda, ba fihla ba thuha lipilara tse halalelang,+ ba rema lipalo tse halalelang+ ’me ba senya libaka tse phahameng+ le lialetare+ naheng eohle ea Juda le ea Benjamine le ea Efraime le Manase+ ho fihlela ba li sentse kaofela. Ka mor’a moo, Baiseraele bohle ba khutlela metseng ea bona, e mong le e mong a ea ha hae.
-