Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 10:29, 30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Joshua le masole ’ohle a Iseraele ba tloha Makeda ba ea Libna ’me ba loantša Libna.+ 30 Le eona Jehova o ile a nehelana ka eona le morena oa eona+ matsohong a Baiseraele eaba ba e hlasela ka sabole hammoho le motho e mong le e mong ea lulang moo. Ha hoa ka ha e-ba le motho ea phonyohang ho eona. Kahoo, ba bolaea morena oa eona feela joalokaha ba ile ba bolaea morena oa Jeriko.+

  • 2 Marena 8:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Haesale Baedomo ba fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena ’me Libna+ le eona e ile ea ba fetohela ka nako eo.

  • 2 Marena 19:8-13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ka mor’a hore Rabshake a utloe hore morena oa Asiria o tlohile Lakishe,+ a khutlela ho eena ’me a mo fumana a ntse a loantša Libna.+ 9 Morena oa Asiria a utloa ho thoe Morena Tirhaka oa Ethiopia o tl’o mo loantša. Kahoo, a roma batho+ hape ho Ezekiase a re: 10 “Le re ho Morena Ezekiase oa Juda, ‘U se ke oa lumella Molimo oa hao eo u mo tšepileng hore a u thetse, ha a re morena oa Asiria a ke ke a hlola Jerusalema.+ 11 U utloile hore na marena a Asiria a ile a felisa linaha tse ling joang.+ Hobane’ng ha u nahana hore uena u tla pholoha? 12 Na melimo ea lichaba tseo baholo-holo ba ka ba ileng ba li felisa e ile ea li pholosa? Se kae sechaba sa Gozane, Harane,+ Rezefe le batho ba Edene ba neng ba le Tel-asare? 13 O kae morena oa Hamathe, oa Arpade, oa metse ea Sefarvaime, oa Hena le oa Iva?’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela