Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 1:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Molimo a etsa letsatsi le khoeli,* a etsa hore letsatsi le khanye motšehare+ ’me khoeli e khanye bosiu. A boela a etsa le linaleli.+

  • Esaia 54:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Lithaba li ka tlosoa

      Le maralla a ka sisinyeha

      Empa ’na ke tla lula ke u rata kamehla le mehla+

      Le selekane sa ka sa khotso se ke ke sa sisinyeha,”+ Jehova, ea u hauhelang o cho joalo.+

  • Jeremia 31:35-37
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Ana ke mantsoe a Jehova,

      Ea fanang ka letsatsi bakeng sa ho khantša motšehare

      Le ka melao ea khoeli le linaleli bakeng sa ho khantša bosiu,

      Ea fuluhang leoatle le ea etsang hore maqhubu a lona a loebehlane,

      Eo lebitso la hae e leng Jehova oa mabotho. O re:+

      36 Jehova o re: “‘Melao ena e tla hloleha ho sebetsa

      Mohla bana ba Iseraele ba khaotsang ho ba sechaba ka pel’a ka.’”+

      37 Jehova o re: “‘Feela joalokaha maholimo a ke ke a methoa le metheo ea lefatše e ke ke ea tsejoa hantle, nke ke ka lahla bana bohle ba Iseraele ho sa tsotellehe lintho tsohle tseo ba li entseng,’ ke Jehova ea chong.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela