Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Exoda 21:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Haeba u reka lekhoba la Moheberu,+ e tla ba lekhoba ka lilemo tse tšeletseng empa ka selemo sa bosupa, le tla lokolloa le sa patale letho.+

  • Levitike 25:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Le halaletse selemo sa bo50 ’me le phatlalatse tokoloho ho baahi bohle ba naha.+ E be Selemo sa Tokoloho* bakeng sa lona ’me e mong le e mong a khutlele sebakeng sa hae le lelapeng la hae.+

  • Levitike 25:39-42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 39 Haeba ngoan’eno ea lulang haufi le uena a futsaneha ’me a tlameha ho ithekisa ho uena hore e be lekhoba,+ u se ke oa mo qobella ho etsa mosebetsi oa makhoba.+ 40 U mo tšoare joaloka mosebeletsi ea hiriloeng+ kapa joaloka molichaba. A u sebeletse ho fihlela Selemo sa Tokoloho se fihla. 41 Joale o tla tloha ho uena hammoho le bana* ba hae ba nang le eena ’me a khutlele lelapeng la hae. A khutlele motseng oa baholo-holo ba hae.+ 42 Ke bahlanka ba ka bao ke ba ntšitseng naheng ea Egepeta.+ Ba se ke ba ithekisa bokhobeng.

  • Deuteronoma 15:12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Haeba u rekiselitsoe e mong oa bana beno, ebang ke monna kapa mosali oa Moheberu ’me a u sebelelitse ka lilemo tse tšeletseng, joale ka selemo sa bosupa u mo lokolle.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela