Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 22:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Hamorao moprista ea phahameng Hilkia a re ho mongoli Shafane:+ “Ke fumane buka ea Molao+ ka tlung ea Jehova.” Hilkia a e fa Shafane ’me a e bala.+

  • 2 Likronike 34:20, 21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Morena a re ho Hilkia, Akikame+ mora oa Shafane, Abdone mora oa Mikea, mongoli Shafane le Asaia mohlanka oa morena: 21 “Tsamaeang le e’o mpotsetsa ho Jehova, le botsetse le batho ba setseng Iseraele le Bajuda mabapi le mantsoe a buka ena e fumanoeng. Jehova o tla re halefela haholo hobane baholo-holo ba rona ha baa mamela mantsoe a Jehova ’me ha baa etsa lintho tsohle tse ngotsoeng bukeng ena.”+

  • Jeremia 26:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Akikame+ mora oa Shafane+ o ile a sireletsa Jeremia, ke kahoo Jeremia a sa kang a nehelloa sechaba hore se mo bolaee.+

  • Jeremia 39:13, 14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Kahoo, Nebuzaradane mookameli oa balebeli, Nebushazbane Morabsarise,* Nergale-sharezere Morabemake* le banna bohle ba ka sehloohong ba morena oa Babilona ba roma banna 14 hore ba tlose Jeremia Lebaleng la Balebeli+ ’me ba mo ise ho mora oa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ hore a ee ntlong ea Gedalia. Kahoo, Jeremia a lokolloa ’me a phela le sechaba.

  • Ezekiele 8:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Baholo ba 70 ba Iseraele ba ne ba eme ka pel’a tsona ’me Jazania mora oa Shafane+ a eme har’a bona. E mong le e mong oa bona a tšoere pitsa eo ho chesetsoang libano ho eona ’me mosi o nkhang hamonate oa libano o ne o nyoloha.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela