29 Bakalde ba loantšang motse ona ba tla kena ’me ba o hotetse. Ba tla chesa motse ona+ le matlo ao marulelong a ’ona batho ba neng ba etsetsa Baale mahlabelo le ho etsa linyehelo tsa lino bakeng sa melimo e meng ’me ba ntšiteloa.’+
22 Ke tla fana ka taelo ’me ke tla ba khutlisetsa motseng ona. Ba tla o loantša, ba o hape, ba o chese ka mollo.+ Ke tla etsa hore metse ea Juda e se ke ea e-ba le letho, e hloke baahi,’ ke Jehova ea chong.”+