Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 14:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Eaba ke re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, baprofeta ke bana ba re ho bona: ‘Ho ke ke ha e-ba le ntoa ’me le ke ke la bolaoa ke tlala. Ho e-na le hoo, Molimo o tla le fa khotso ea ’nete sebakeng sena.’”+

  • Jeremia 23:16, 17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Jehova oa mabotho o re:

      “Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba le profetelang.+

      Baa le thetsa.*

      Ba le bolella lipono tseo ba inahanelang tsona+

      Eseng tse tsoang molomong oa Jehova.+

      17 Ba lula ba re ho ba ntellang:

      ‘Jehova o itse: “Le tla ba le khotso.”’+

      Ba re ho bohle bao ka manganga ba latelang lipelo tsa bona:

      ‘Ha ho tlokotsi e tla le hlahela.’+

  • Jeremia 27:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Le se ke la mamela mantsoe a baprofeta ba reng ho lona: ‘Le ke ke la sebeletsa morena oa Babilona’+ hobane ba le profetela mashano.+

  • Jeremia 28:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Selemong sona seo, qalong ea puso ea Morena Tsedekia+ oa Juda, ka selemo sa bone khoeling ea bohlano, moprofeta Hanania mora oa Azure, ea tsoang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ea Jehova ka pel’a baprista le sechaba sohle: 2 “Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ea morena oa Babilona.+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Lipono tsa baprofeta ba hao ke leshano ebile ha li na thuso,+

      Ha baa u bolella phoso ea hao e le hore u se ke oa hapuoa.+

      Ho e-na le hoo, ba ’nile ba e-ba le lipono tse u khelosang, tsa leshano.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela