13 Ho seng joalo, uena le batho ba hao le tla hlaheloa ke lintho tseo Jehova a itseng li tla hlahela sechaba se ke keng sa sebeletsa morena oa Babilona eaba le bolaoa ka sabole,+ tlala+ le ka lefu la seoa.+
18 ‘Ke tla ba lelekisa ka sabole,+ tlala le lefu la seoa, ke ba etse ntho e tšosang ka pel’a mebuso eohle ea lefatše,+ ntho e rohakiloeng, e makalloang, e letsetsoang mololi+ le e nyefoloang har’a lichaba tsohle tseo ke tla ba hasanyetsa ho tsona+
15 Batho ba ka ntle ho motse ba tla bolaoa ka sabole+ ’me ba ka hare ba bolaoe ke boloetse bo kotsi le tlala. Motho leha e le ofe ea masimong o tla bolaoa ka sabole ’me tlala le boloetse bo kotsi li bolaee ba ka har’a motse.+