-
Jeremia 21:7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Jehova o boetse o re: ‘Ka mor’a moo, Morena Tsedekia oa Juda le bahlanka ba hae le batho ba motse ona ba phonyohileng lefu la seoa, sabole le tlala, ke tla nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare* oa Babilona, matsohong a lira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaea.+ Morena Nebukadnezare o tla ba bolaea ka sabole. A ke ke a ba utloela bohloko leha e le ho ba qenehela kapa ho ba hauhela.’”+
-
-
Jeremia 25:9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 ke bitsa batho ba lichaba tsohle tsa leboea,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke bitsa Nebukadnezare* morena oa Babilona, mohlanka oa ka.+ Ke tla ba tlisa hore ba futuhele naha ena,+ baahi ba eona le lichaba tsena tsohle tse e potolohileng.+ Ke tla le felisa ’moho le lichaba tsena, ke le etse ntho e tšosang le ntho e letsetsoang mololi, ke etse hore le senyehele ruri.
-