-
2 Marena 25:8-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
8 Ka letsatsi la bosupa khoeling ea bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona a e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli ebile e le mohlanka oa morena oa Babilona, a ea Jerusalema.+ 9 A chesa ntlo ea Jehova,+ ntlo ea morena*+ le matlo ’ohle a Jerusalema.+ A boela a chesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10 Masole ’ohle a Bakalde a neng a e-na le mookameli oa balebeli a heletsa marako a neng a pota-potile Jerusalema.+
-
-
2 Likronike 34:24, 25Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
24 Jehova o re, ‘Ke tla tlisa tlokotsi sebakeng sena le ho baahi ba sona,+ ke tlise le bomalimabe bohle bo ngotsoeng bukeng+ eo ba e balletseng morena oa Juda 25 hobane ba ntahlile+ ’me ba etsetsa melimo e meng mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutloisa bohloko ka lintho tseo ba li etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena ’me ha ho na motho ea tla nthiba.’”+
-
-
2 Likronike 36:16, 17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.
17 A etsa hore morena oa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaee bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha aa ka a qenehela mohlankana kapa moroetsana, ea tsofetseng kapa ea kulang.+ Molimo a etsa hore a felise lintho tsohle.+
-