Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Jeremia 10:21
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Etsoe balisa ba entse lintho tse se nang kelello,+

      Ha baa botsa Jehova.+

      Ke ka lebaka leo ba sa kang ba e-ba bohlale

      ’Me mehlape eohle ea bona e hasane.”+

  • Jeremia 23:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Ka hona, Jehova Molimo oa Iseraele o re ho balisa ba lisang sechaba sa hae: “Le hasantse linku tsa ka, la ’na la li qhalakanya. Ha lea ka la li hlokomela.+

      Kahoo, nke ke ka le hauhela hobane mesebetsi ea lona e khopo,” ke Jehova ea chong.

  • Ezekiele 34:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 “Mor’a motho, profeta molaetsa oa kahlolo ho balisa ba Iseraele u re, ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ho malimabe lona balisa ba Iseraele+ ba iphepang. Na ha se mohlape oo balisa ba lokelang ho o fepa?+

  • Ezekiele 34:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Linku tsa ka li ne li hlahlathela lithabeng tsohle le maralleng ’ohle. Li ne li hasane hohle lefatšeng, ho se na motho ea batlanang le tsona kapa ea ikemiselitseng ho li fumana.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela