Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 21:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Ke boleletsoe pono e tšosang:

      Molotsana o sebetsa ka bolotsana

      Le ea timetsang oa timetsa.

      Nyoloha, uena Elame! Thibella, uena Media!+

      Ke tla felisa mahlomola ’ohle ao a* a bakileng.+

  • Jeremia 51:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Leotsang marumo.+ Nkang lithebe.*

      Jehova o susumelelitse* marena a Bamede hore a ee ntoeng+

      Hobane o rerile ho ripitla Babilona.

      Jehova oa iphetetsa, o iphetetsa bakeng sa tempele ea hae.

  • Jeremia 51:27, 28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Phahamisang letšoao* naheng.+

      Letsang lenaka har’a lichaba.

      Khethang* lichaba tse tla loantša Babilona.

      Mo bitsetseng mebuso ea Ararate,+ Mini le Ashkenaze.+

      Laelang ofisiri ea sesole hore e mo loantše.

      Nyollang lipere joaloka litsie tse ngata.

      28 Khethang* lichaba hore li mo hlasele

      Le marena a Media,+ babusi ba eona, batlatsi bohle ba babusi ba eona

      Le linaha tsohle tse pusong ea bona.

  • Jeremia 51:48
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 48 Maholimo le lefatše le tsohle tse ho tsona

      Li tla hoeletsa li thabile ha Babilona a oa,+

      Etsoe ba tl’o mo felisa ba tla tla ho eena ba tsoa leboea,”+ ke Jehova ea chong.

  • Daniele 5:28
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 PERES, ’muso oa hao o arotsoe ’me o filoe Bamede le Bapersia.”+

  • Daniele 5:30
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 30 Bosiung bona boo Belshatsare morena oa Bakalde a bolaoa.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela