-
Jeremia 18:7-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Neng kapa neng ha nka bua ka ho fothola, ho liha le ho senya sechaba kapa ’muso+ 8 ebe sechaba seo se tlohela bokhopo ba sona boo ke buileng ka bona, ke tla fetola maikutlo* ka tlokotsi eo ke neng ke rerile ho se tlisetsa eona.+ 9 Empa neng le neng ha ke bua ka ho haha le ho hloma sechaba kapa ’muso 10 ebe se etsa lintho tse fosahetseng mahlong a ka ’me ha se ’mamele, ke tla fetola maikutlo* ka molemo oo ke neng ke rerile ho se etsetsa oona.’
-
-
Jeremia 24:5, 6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
5 “ ’Na, Jehova Molimo oa Iseraele ke re: ‘Bajuda ba hapiloeng, bao ke ba lelekileng sebakeng sena ho ea naheng ea Bakalde, ke tla ba rata joaloka lifeie tsena tse ntle. 6 Ke tla ba beha leihlo e le hore ke ba etse hantle ’me ke ba khutlisetse naheng ena.+ Ke tla ba haha, nke ke ka ba liha. Ke tla ba hloma, nke ke ka ba fothola.+
-