-
Esaia 40:22Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
O otlolla maholimo joaloka lesela le lesesaane la boleng bo phahameng,
O a ala joaloka tente eo ho luloang ho eona.+
-
-
Jeremia 10:12-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Lentsoe la hae le etsa hore
Metsi a maholimong a loebehlane,+
O etsa hore maru* a nyolohe ho tsoa likhutlong tsa lefatše.+
14 Motho e mong le e mong o etsa lintho ka ho se nahane le ka ho hloka tsebo.
Motho e mong le e mong ea sebetsang ka tšepe o tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la setšoantšo se betliloeng,+
Etsoe litšoantšo* tsa hae tse entsoeng ka tšepe lia thetsa
15 Ha li na thuso, li lokeloa ke ho songoa.+
Ha letsatsi la kahlolo le fihla, li tla timela.
16 Empa Molimo oa Jakobo ha a tšoane le tsona,
Ke eena ea entseng ntho e ’ngoe le e ’ngoe
’Me Iseraele ke lere la lefa la hae.+
Lebitso la hae ke Jehova oa mabotho.+
-