Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Joshua 23:6, 7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 Joale le be sebete haholo ’me le boloke le ho etsa lintho tsohle tse ngotsoeng bukeng ea Molao+ oa Moshe ka hore le ka mohla le se ke la o kheloha ho ea ka ho le letona kapa ka ho le letšehali+ 7 ’me le se ke la itsoakanya le lichaba tsena+ tse setseng le lona. Le se ke la bua le ka mabitso a melimo ea tsona+ kapa la hlapanya ka eona hape le ka mohla le se ke la e sebeletsa kapa la e inamela.+

  • Jeremia 2:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Na sechaba se kile sa tlohela melimo ea sona eaba se ea melimong ea bohata?

      Empa batho ba ka ba ntlohetse, ’na Molimo ea matla ’me ba ea nthong e se nang thuso.+

  • Jeremia 12:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 “Haeba ba etsa bonnete ba hore ba ithuta litsela tsa sechaba sa ka le ho hlapanya ka lebitso la ka ba re: ‘Ka Jehova ea phelang!’ feela joalokaha ba rutile sechaba sa ka ho hlapanya ka Baale, joale ba tla balelloa har’a sechaba sa ka.

  • Sofonia 1:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Ke tla otla Juda

      Ke be ke otle baahi ba Jerusalema,

      Ke fiele mesaletsa ea Baale sebakeng sena,+

      Hammoho le baprista ba melimo esele le baprista ba bohata,+

       5 Ke felise bohle ba khumamelang lintho tsohle tse maholimong* ba le ka holim’a matlo a bona+

      Le ba khumamelang Jehova ba ikana hore ba tla mo tšepahalla+

      Empa ba boetse ba ikana hore ba tla tšepahalla Malkame+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela