Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 4:27
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 27 Jehova o tla le hasanya har’a lichaba+ ’me ho tla phonyoha ba seng bakae+ ho lona lichabeng tseo Jehova a tla be a le leleketse ho tsona.

  • Deuteronoma 28:48
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 48 Jehova o tla romela lira ho lona ’me le tla li sebeletsa+ le ntse le lapile,+ le nyoriloe, le se na liaparo ebile le se na letho. O tla beha joko ea tšepe melaleng ea lona ho fihlela a le felisitse.

  • Deuteronoma 29:24, 25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 bona le lichaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Ke’ng e entseng hore a halefe hakana?’ 25 Joale ba tla re, ‘Ke hobane ba tlohetse selekane sa Jehova,+ Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se entseng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+

  • 2 Likronike 7:21, 22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ntlo ena e tla senyeha. Motho e mong le e mong ea fetang o tla e makalla+ a re: ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 22 Ba tla re: ‘Ke hobane ba lahlile Jehova+ Molimo oa baholo-holo ba bona ea ba ntšitseng naheng ea Egepeta+ eaba ba sebeletsa melimo e meng le ho e rapela.+ Ke ka lebaka leo a ba tliselitseng tlokotsi ena.’”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela