17 Le se ke la ahlola molichaba kapa khutsana*+ ka mokhoa o se nang toka hape le se ke la nka seaparo sa mohlolohali e le bopaki ba hore o tla patala.*+
9 “Jehova oa mabotho o re, ‘Ahlolang ka toka,+ le ratane+ le be le hauhelane. 10 Le se ke la etsetsa mohlolohali bolotsana kapa khutsana,*+ molichaba+ kapa mofutsana.+ Le se ke la rerelana bokhopo.’+
27 Mofuta oa borapeli o hloekileng ho Molimo Ntate oa rona ke ona: Ho hlokomela likhutsana+ le bahlolohali+ ha ba e-na le mathata+ le hore motho a se ke a silafatsoa ke tsela eo batho ba sa mameleng ba phelang ka eona.+