Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 12:29-31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 29 Ha Jehova Molimo oa lona a felisa lichaba tseo le tlang ho li leleka+ ’me le lula naheng ea tsona, 30 le itlhokomele hore le se ke la latela litsela tsa tsona ka mor’a hore li felisoe ka pel’a lona. Le se ke la botsa ka melimo ea tsona la re, ‘Lichaba tsee li ne li sebeletsa melimo ea tsona joang? Le rona re tla etsa se tšoanang.’+ 31 Le se ke la rapela Jehova Molimo oa lona ka tsela eo hobane lichaba tseo li etsetsa melimo ea tsona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e nyonyehang eo Jehova a e hloileng, esita le ho chesa bara le barali ba tsona mollong bakeng sa melimo ea tsona.+

  • 2 Marena 17:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ba boela ba chesa* bara le barali ba bona,+ ba sebelisa bonohe+ ’me ba batla lipontšo tsa se tlang. Ba tsoela pele ho etsa* lintho tse sa thabiseng Jehova ’me ba mo utloisa bohloko.

  • 2 Likronike 28:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 28 Akaze+ o ne a le lilemo li 20 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 16. O ne a sa tšoane le moholo-holo oa hae Davida hobane o ne a etsa lintho tse sa thabiseng Jehova.+

  • 2 Likronike 28:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Hape a etsa sehlabelo se kubellang mosi Khohlong ea Mora oa Hinome, a ba a chesa bara ba hae+ e le ha a etsisa mekhoa e nyonyehang ea lichaba+ tseo Jehova a li lelekileng ka pel’a Baiseraele.

  • 2 Likronike 33:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 33 Manase+ o ne a le lilemo li 12 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 55.+

  • 2 Likronike 33:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 6 A chesa bara ba hae+ Khohlong ea Mora oa Hinome,+ a sebelisa boselamose,+ bonohe, boloi ’me a batla thuso ho batho ba reng ba buisana le balimo le ho batho ba reng ba bolela liketsahalo esale pele.+ O ile a etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa ’me a utloisa Jehova bohloko.

  • Ezekiele 20:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Na le ntse le itšilafatsa ho fihlela letsatsing lee ka hore le etsetse litšoantšo tsa lona tse nyonyehang mahlabelo ka ho chesa bana ba lona?+ Joale Baiseraele, na le lebeletse hore ke le arabe ha le kopa thuso?”’+

      ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, “Kea ikana hore nke ke ka le araba.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela