17 Empa ha baa ka ba mamela le baahloli bao ’me ba ne ba rapela* melimo e meng ebile ba e inamela. Ba ile ba kheloha kapele tseleng eo baholo-holo ba bona ba ileng ba mamela litaelo tsa Jehova+ ba neng ba tsamaea ho eona. Ba ile ba hloleha ho mamela.
8 Ntho eo ba e etsang e tšoana hantle le eo ba ileng ba e etsa ho tloha letsatsing leo ke neng ke ba ntša Egepeta ka lona ho tla fihlela letsatsing lena. Ba lula ba ntlohela+ ’me ba sebeletsa melimo e meng+ ’me ke seo ba se etsang ho uena.
17 Ba ntahlile ’me ba etsetsa melimo e meng+ mahlabelo a kubellang mosi ebile ba nkutloisa bohloko ka lintho tseo ba li etsang.+ Ke tla halefela sebaka sena ’me ha ho na motho ea tla nthiba.+