8 Ka letsatsi la bosupa khoeling ea bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona a e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli ebile e le mohlanka oa morena oa Babilona, a ea Jerusalema.+
11 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena oa Babilona le sechaba sohle a ba isa botlamuoeng.+
12 Ka letsatsi la leshome khoeling ea bohlano, e leng ha Morena Nebukadnezare* oa Babilona e-na le lilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane mookameli oa balebeli ebile e le mohlokomeli oa morena oa Babilona, a tla Jerusalema.+
15 Nebuzaradane mookameli oa balebeli a hapa ba bang ba batho ba futsanehileng, a isa batho bohle ba neng ba setse motseng botlamuoeng. A hapa le ba balehetseng ka lehlakoreng la morena oa Babilona le ba bang kaofela bao e leng litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.+