-
1 Likronike 28:9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
9 Solomone mora oa ka, tseba Molimo oa ntate oa hao ’me u mo sebeletse ka pelo eohle*+ u thabile* hobane Jehova o hlahloba lipelo tsohle+ ’me o khona ho bona lintho tsohle tseo motho a li nahanang.+ Haeba u mo batla, o tla etsa hore u mo fumane+ empa haeba u mo tlohela, o tla u lahla ka ho sa feleng.+
-
-
2 Likronike 7:19, 20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
19 Empa haeba le ntlohela ’me le sa mamele melao le litaelo tsa ka tseo ke le fileng tsona ’me le sebeletsa melimo e meng ebile le e rapela,+ 20 ke tla felisa Baiseraele naheng eo ke ba fileng eona.+ Ntlo ena eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka ke tla e tlosa ka pel’a ka ’me ke tla etsa hore e makalloe e be e tšehoe ke batho bohle.+
-