-
1 Marena 14:22, 23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
22 Bajuda ba ne ba etsa lintho tse sa thabiseng Jehova+ ’me libe tseo ba ileng ba li etsa li ile tsa mo halefisa ho feta kamoo baholo-holo ba bona ba ileng ba mo halefisa kateng.+ 23 Le bona ba ile ba ikahela libaka tse phahameng, lipilara tse halalelang le lipalo tse halalelang*+ holim’a maralla ’ohle a phahameng+ le tlas’a lifate tsohle tse ntle tse tala.+
-
-
Ezekiele 6:13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Le tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha litopo tsa bona li oetse fatše har’a litšoantšo tsa bona tse rapeloang tse nyonyehang ho potoloha lialetare tsa bona,+ holim’a maralla ’ohle a phahameng ka holim’a lithaba tsohle, ka tlas’a lifate tsohle tse behang haholo le ka tlas’a makala a lifate tse kholo, moo ba neng ba etsetsa mahlabelo a nkhang hamonate* teng ho khahlisa litšoantšo tsohle tsa bona tse nyonyehang.+
-