Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 20:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Jehova o re: ‘Matsatsi aa tla ao ka ’ona sohle se ka tlung* ea hao le sohle seo baholo-holo ba hao ba se bolokileng ho fihlela letsatsing lena se tla isoa Babilona.+ Ha ho letho le tla sala.

  • 2 Marena 24:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Morena Nebukadnezare oa Babilona o ile a fihla Jerusalema ha bahlanka ba hae ba ntse ba e thibeletse.

  • 2 Marena 24:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 A nka matlotlo ’ohle a ntlo ea Jehova le a ntlo ea morena.*+ A pshatla lisebelisoa tsohle tsa khauta tseo Solomone morena oa Iseraele a neng a li entse ka tempeleng ea Jehova.+ Ha etsahala seo Jehova a neng a se boletse.

  • 2 Marena 25:13-15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Bakalde ba pshatla lipilara tsa koporo+ tse neng li le ntlong ea Jehova, literoli+ le Tanka* ea koporo,+ tse neng li le ka tlung ea Jehova ’me ba isa koporo eo Babilona.+ 14 Ba boela ba nka linkho, likharafu, lintho tse timang mollo, likopi le lintho tsohle tse neng li sebelisoa tempeleng, tse entsoeng ka koporo. 15 Mookameli oa balebeli a nka lipane tsa mollo le likotlolo tse entsoeng ka khauta ea ’nete+ le silevera ea ’nete.+

  • Lillo Tsa Jeremia 1:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Mohanyetsi oa hae o otlolotse matsoho, a nka matlotlo ’ohle a hae.+

      Etsoe o bone ha lichaba li kena ka sehalalelong sa hae,+

      Tseo u laetseng hore li se ke tsa kopana le batho ba hao.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela