Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Deuteronoma 29:24-26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 bona le lichaba tsohle ba tla re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee tjee?+ Ke’ng e entseng hore a halefe hakana?’ 25 Joale ba tla re, ‘Ke hobane ba tlohetse selekane sa Jehova,+ Molimo oa baholo-holo ba bona, seo a se entseng le bona ha a ba ntša naheng ea Egepeta.+ 26 Empa ba ile ba tsamaea ’me ba sebeletsa melimo e meng, ba e inamela, melimo eo ba sa kang ba e tseba le eo a neng a sa ba lumella hore ba e rapele.*+

  • 1 Marena 9:8, 9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ntlo ena e tla senyeha.+ Motho e mong le e mong ea fetang o tla e makalla, a letse mololi a re, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a entse naha ee le ntlo ee tjee?’+ 9 Ba tla re, ‘Ke hobane ba lahlile Jehova Molimo oa bona ea ntšitseng baholo-holo ba bona naheng ea Egepeta eaba ba sebeletsa melimo e meng le ho e inamela. Ke ka lebaka leo Jehova a ba tliselitseng tlokotsi ena.’”+

  • Lillo Tsa Jeremia 2:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Bohle ba fetang ka tsela ba u opela liatla ba soentse.+

      Ba letsetsa morali oa Jerusalema mololi ka ho makala+ ’me ba sisinya lihlooho ba re:

      “Na motse oo ke oo ba neng ba re ka oona: ‘O motle hakaakang. Lefatše lohle le ikotla sefuba ka oona’?”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela