-
2 Marena 23:29, 30Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
29 Mehleng ea Josiase, Faro Neko morena oa Egepeta a kopana le morena oa Asiria Nokeng ea Eufrate. Morena Josiase a e’o loantša Neko empa ha Neko a mo bona Megido a mo bolaea.+ 30 Bahlanka ba Josiase ba nka setopo sa hae Megido ka kariki, ba se isa Jerusalema eaba ba mo patela lebitleng la hae. Bajuda ba tlotsa Joakaze mora oa Josiase ’me ba mo etsa morena.+
-