Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esaia 28:7
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  7 Baprista le baprofeta ba tsoile tseleng ka lebaka la veine.

      Joala ba bona bo etsa hore ba thekesele.

      Moprista le moprofeta ba tsoile tseleng ka lebaka la joala.

      Veine ea ba ferekanya,

      Joala ba bona bo etsa hore ba thekesele.

      Pono ea bona ea ba khelosa,

      Baa khoptjoa ha ba etsa qeto.+

  • Jeremia 5:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Baprofeta ba profeta mashano+

      Le baprista ba busa ka matla a bona.

      Sechaba sa ka se rata ha ho le joalo.+

      Empa le tla etsa joang ha bofelo bo fihla?”

  • Jeremia 6:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 “Ho tloha ho mofutsana ho ea ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+

      Ho tloha ho moprofeta ho ea ho moprista, kaofela ba etsa bobolu.+

  • Ezekiele 22:25
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 25 Baprofeta ba hao ba u reretse bolotsana+ joaloka tau e purumang, e harolang phoofolo eo e e tsomang.+ Ba bolaea batho. Ba nka matlotlo le lintho tsa bohlokoa. Ba entse hore basali ba bangata e be bahlolohali.

  • Sofonia 3:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  4 Baprofeta ba teng ke balotsana ba ikakasang.+

      Baprista ba teng bona ba silafatsa ntho e halalelang,+

      Ba tlola molao.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela