6 Jehova Molimo oa lona o tla hloekisa* lipelo tsa lona le lipelo tsa litloholo tsa lona+ e le hore le rate Jehova Molimo oa lona ka lipelo tsa lona tsohle le ka moea* oa lona oohle ’me le phele.+
33 Jehova o re: “Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ea Iseraele ka mor’a matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao oa ka ka har’a bona,+ ke o ngole lipelong tsa bona.+ Ke tla ba Molimo oa bona ’me bona e tla ba batho ba ka.”+
19 Ke tla ba momahanya,* ke fetole lipelo tsa bona+ le tsela eo ba nahanang ka eona.+ Ke tla tlosa pelo e joaloka lejoe ’meleng ea bona+ ’me ke ba fe pelo ea nama,*+