Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Marena 21:16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 16 Ntle le sebe seo Manase a ileng a etsa hore Bajuda ba se etse ka hore ba fosetse Jehova, o ile a bolaea batho ba bangata haholo ba se nang molato. A bolaea batho ho tloha qalong ea Jerusalema ho ea qetellong ea eona.+

  • Pesaleme 106:38
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 38 Ba ’na ba bolaea batho ba se nang molato,+

      Ba bolaea bara le barali ba bona

      Ka ho etsetsa litšoantšo tsa Kanana mahlabelo ka bona.+

      Ba silafatsa naha ka ho tšolla mali.

  • Esaia 10:1, 2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ho malimabe ba etsang melao ea tsamaiso e kotsi+

      Le ba lulang ba ngola melao e hatellang,

       2 E le hore ba hanele bafutsana ka litokelo tsa bona tsa molao

      Le hore bafutsana ba har’a sechaba sa ka, ba ba sebeletse ka ho hloka toka+

      Hore ba nke thepa ea bahlolohali

      Le hore ba tlatlape likhutsana.*+

  • Matheu 23:35
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 e le hore le ka ba molato oa mali a batho bohle ba lokileng ba bolaetsoeng lefatšeng, ho tloha ka mali a Abele+ ea lokileng ho ea ka a Zakaria mora oa Barakia, eo le mo bolaetseng lipakeng tsa sehalalelo le aletare.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela