7 ke tla felisa Baiseraele hohle naheng eo ke ba fileng eona,+ ke tlose ntlo eo ke e halalelitseng bakeng sa lebitso la ka+ ’me Baiseraele ba tla makalloa ba be ba tšehoe* ke batho bohle.+
12 “‘E-eang tabernakeleng ea ka e Shilo,+ moo ke ileng ka etsa hore lebitso la ka le lule teng pele+ ’me le bone hore na ke e entse’ng ka lebaka la bokhopo ba sechaba sa ka sa Iseraele.+
14 Kahoo, ntlo e bitsoang ka lebitso la ka+ eo le e tšepileng+ le sebaka seo ke le fileng sona le baholo-holo ba lona, ke tla li etsa ntho e tšoanang hantle le eo ke e entseng Shilo.+
18 Mamela hle Molimo oa ka ’me u utloe. Bula mahlo a hao ’me u bone boemo ba rona bo otlang pelo le motse o bitsoang ka lebitso la hao. Ha re u kope hobane re le batho ba lokileng empa re u kopa hobane u le Molimo ea mohau.+