Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Esdrase 2:1
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Bana ke baahi ba profinse* ba ileng ba tsoa botlamuoeng+ bao Morena Nebukadnezare oa Babilona a neng a ba isitse botlamuoeng Babilona+ le bao hamorao ba ileng ba khutlela Jerusalema le Juda, e mong le e mong a khutlela motseng oa habo.+

  • Jeremia 29:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla etsa hore le mphumane,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla bokella batho ba lona ba hapuoeng ’me ke le bokelle ho tsoa lichabeng tsohle le libakeng tsohle tseo ke le hasantseng ho tsona,’+ ke Jehova ea chong. ‘Ke tla le lata sebakeng seo ke le isitseng ho sona ha le ne le haptjoa.’+

  • Jeremia 32:44
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 44 “‘Batho ba tla reka masimo ka chelete, ho ngoloe mangolo a tumellano ’me a koaloe le lipaki li tla bitsoa. Lintho tsena li tla etsahala naheng ea Benjamine+ le libakeng tse haufi le Jerusalema, metseng ea Juda,+ metseng e lithabeng, metseng e mabalane*+ le metseng e ka boroa hobane ke tla khutlisa batho ba bona ba hapuoeng,’+ ke Jehova ea chong.”

  • Ezekiele 20:42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 42 Le tla tseba hore ke ’na Jehova+ ha ke le tlisa naheng ea Iseraele,+ eo ke ileng ka hlapanya hore ke tla e fa baholo-holo ba lona.

  • Amose 9:14
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ke tla lata sechaba sa ka sa Iseraele se neng se hapuoe,+

      Ba tla nchafatsa metse ea bona ’me ba lule ho eona,+

      Ba tla lema masimo a morara ebe ba noa veine ea oona,+

      Ba be ba je lintho tseo ba li lemmeng masimong a bona.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela