Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Levitike 26:44
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 44 Empa le ka mor’a lintho tsena tsohle ha ba ntse ba le naheng ea lira tsa bona, nke ke ka ba lahla+ ka ho feletseng kapa ka ba hloea ho isa boholeng ba hore ke ba bolaee kaha seo e tla be e le ho tlola selekane sa ka+ le bona hobane ke ’na Jehova Molimo oa bona.

  • Nehemia 9:31
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 31 Kahobane u mohau, ha oa ka oa ba felisa+ kapa oa ba lahla kaha u Molimo ea utloelang batho bohloko* le ea mohau.+

  • Lillo Tsa Jeremia 3:22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 22 Ha re e-s’o timele hobane Jehova o lerato,*+

      Mohau oa hae o ke ke oa fela.+

  • Amose 9:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  8 Jehova o re: ‘ ’Na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ke shebile ’muso o tletseng sebe,

      Ke tla o tlosa holim’a lefatše+

      Empa nke ke ka timetsa bana ba Jakobo kaofela.’+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela