Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Likronike 36:15, 16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Jehova Molimo oa baholo-holo ba bona a ’na a ba lemosa ka baromuoa ba hae. O ne a ba lemosa ka makhetlo a mangata hobane a utloela batho ba hae bohloko a bile a sa batle hore tempele ea hae e felisoe. 16 Empa ba ile ba soma baromuoa bao ba Molimo oa ’nete,+ ba nyatsa mantsoe+ a hae ba ba ba soma baprofeta ba hae,+ hoo Jehova a ileng a halefela batho ba hae haholo,+ ho fihlela ba se ba sa khone ho thusoa.

  • Esaia 6:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Etsa hore batho bana ba be lihlooho* li thata.+

      U koale litsebe tsa bona+

      U koale le mahlo a bona

      E le hore ba se ke ba bona ka mahlo a bona

      Le ho utloa ka litsebe tsa bona,

      E le hore ba se ke ba utloisisa*

      Le hore ba se ke ba khutlela ho ’na eaba baa folisoa.”+

  • Jeremia 8:21, 22
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 21 Ke sithabelitsoe ke ho ripitloa ha morali oa sechaba sa heso.+

      Ke nyahame.

      Ke tšohile haholo.

      22 Na ha ho na balsame* Gileade?+

      Kapa na ha ho na ngaka* moo?+

      Joale ke hobane’ng ha morali oa sechaba sa heso a sa fola?+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela