-
2 Marena 17:13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
13 Jehova a ’na a lemosa Baiseraele le Bajuda a sebelisa baprofeta bohle ba hae le batho bohle ba bonang lipono+ a re: “Tlohelang ho etsa lintho tse mpe!+ Le mamele litaelo tsa ka ho ea ka melao eohle eo ke e fileng baholo-holo ba lona le eo ke ileng ka le romella eona ke sebelisa bahlanka ba ka e leng baprofeta.”
-
-
2 Likronike 30:6Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Batho ba tsamaisang melaetsa ba isa mangolo a tsoang ho morena le likhosana tsa hae naheng eohle ea Iseraele le Juda joalokaha morena a ne a laetse a re: “Baiseraele, khutlelang ho Jehova Molimo oa Abrahama, Isaka le Iseraele e le hore a ka khutlela ho ba setseng, ba phonyohileng marena a Asiria.+
-