Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 23:4, 5
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Lebitso la e moholo e ne e le Ohola,* la e monyenyane e le Oholiba.* Ke ile ka nyala basali bao ’me ba ba le bana. Ohola ke Samaria,+ Oholiba ke Jerusalema.

      5 Ohola e ile ea e-ba letekatse+ e ntse e le mosali oa ka. O ne a e-na le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le baahisani bao a neng a ratana le bona+ e leng Baasiria.+

  • Ezekiele 23:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Ka lebaka leo, ke ile ka fana ka eena ho bara ba Asiria+ bao a neng a ratana le bona ebile a e-na le takatso e feteletseng ea ho etsa thobalano le bona.

  • Hosea 2:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  2 Qosang ’mè oa lona. Le mo qose

      Hobane ha se mosali oa ka+ ebile ha ke monna oa hae.

      O lokela ho tlohela botekatse,*

      A tlohele le ho etsa bofebe,

  • Hosea 9:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 “Ba entse lintho tsohle tse khopo Gilgale+ e leng hona moo ke qalileng ho ba hloea.

      Ke tla ba leleka ntlong ea ka ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe.+

      Nke ke ka hlola ke ba rata.+

      Likhosana tsohle tsa bona li manganga.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela