51 Samaria le eena+ ha a etsa le halofo ea libe tseo u li entseng. U ile oa ’na oa etsa lintho tse nyonyehang ho ba feta, hoo bana beno ba ileng ba bonahala ba lokile ka lebaka la liketso tsohle tse nyonyehang tseo u li entseng.+
4 Lebitso la e moholo e ne e le Ohola,* la e monyenyane e le Oholiba.* Ke ile ka nyala basali bao ’me ba ba le bana. Ohola ke Samaria,+ Oholiba ke Jerusalema.
11 Ha ngoan’abo e leng Oholiba a bona lintho tsena, takatso ea hae e feteletseng ea ho etsa thobalano ea eketseha le ho feta ’me ea e-ba letekatse le fetang ausi oa hae Ohola.+